Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:58 - BIBELE

58 A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

58 hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:58
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motsheare le bosiu Morena Modimo wa rona, a ke a hopole mantswe ana ao ke entseng thapelo le kopo ho yena ka wona; ka dinako tsohle a ke a be haufi le Morena Modimo wa rona, mme a nee mohlanka wa hae le setjhaba sa hae sa Iseraele toka, kamoo ho ka hlokahalang kateng ka letsatsi ka leng;


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo.


Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


“Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona.


Tsena ke ditemoso, le melao, le ditaelo, tseo Moshe a ileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta.


“Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ