Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:56 - BIBELE

56 “Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:56
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.”


Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


A haha metse naheng ya Juda, mme a e haheletsa. Naha e ne e ena le kgotso, dilemong tseo ho se na dintwa, hobane Morena o ne a mo neile boiketlo.


Yaba Jethero o re: “Ho bokwe Morena ya le namoletseng matsohong a Baegepeta, le matsohong a Faro; ya namoletseng tjhaba sa hae matsohong a Baegepeta.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.’


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ