Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:51 - BIBELE

51 Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:51
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”


o utlwe thapelo le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba sebeletse ka toka, o tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.


“Jwale he, bana ke bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, seo o ileng wa se lopolla ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le matla.


Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla.


Bona! ke o hlwekisitse, le hoja e se sa silefera; ke o lekile ka seboping sa matshwenyeho.


Oho, Morena, se ke wa halefa, wa halefa ho feta tekanyo; se hopole dibe tsa rona, wa di hopola kamehla yohle. Ako hopole hore re tjhaba sa hao.


e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.’ Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.”


Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!” Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.


Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae.


Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ