Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:46 - BIBELE

46 “Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:46
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, o se lwanele.


Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.


“Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa ba tsona, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.


Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo!


Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang?


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.


Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?”


Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.


Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.


“Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.


Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ