Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:40 - BIBELE

40 ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:40
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”


o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;


“Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole,


a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo.


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


“Ena ke melao, le ditaelo tseo le tshwanetseng ho di phetha naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona hore e be ya lona, ka matsatsi wohle ha le ntse le phela lefatsheng.


“O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.


Ha o tshaba Morena Modimo wa hao, mme ka matsatsi wohle a bophelo ba hao, o boloka melao yohle ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke o laelang tsona, wena, le mora wa hao, le setloholo sa hao, le tla phela halelele.


Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho,


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle.’ ”


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng: “Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka bohle ba hae, le lona ba mo tshabang, ba banyenyane le ba baholo.”


Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ