Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:22 - BIBELE

22 Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Baiseraele se ntseng se bona, o phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ebile Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae mahodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong.


Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.


Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka.


“Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena;


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa.


Batho bohle ba ne ba ye ba bone leru le lopaletseng le eme monyakong wa Tente, mme bohle ba ne ba ye ba raohe, ba kgumame, motho ka mong monyakong wa tente ya hae.


Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.


Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ