Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:16 - BIBELE

16 ‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:16
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.


Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.”


Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: ‘Ke tla kgumamellwa ho wona,’ le wona ke tla o lahla.”


Hona bosiung boo, lentswe la Modimo la fihla ho Nathane, la re:


“Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle.


Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.’


Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae;


A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo tlosa masakeng a dinku,


hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.


“ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ