Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:14 - BIBELE

14 Setjhaba sohle sa Iseraele se ne se eme. Kgosi Solomone a retelehela ka ho sona, a se tadima, mme a se hlohonolofatsa sohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.


Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena.


Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba.


Yare setjhaba sohle sa Iseraele se sa eme moo, kgosi ya retelehela ka ho sona, ya se hlohonolofatsa.


Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona.


Ho bokwe ya tlang ka bitso la Morena: Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ya Morena.


Batho bohle ba ne ba ye ba bone leru le lopaletseng le eme monyakong wa Tente, mme bohle ba ne ba ye ba raohe, ba kgumame, motho ka mong monyakong wa tente ya hae.


Matshweletshwele a mo kgobokanela, hoo a bileng a kena ka sekepeng; a dula teng, letshwele lohle le le lebopong.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ