Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:1 - BIBELE

1 Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:1
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Usa a otlollela letsoho la hae arekeng ya Modimo, a e tshwara, hobane dipholo di ne di kgothometseha.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.


Davida a aha qhobosheaneng eo; ka baka leo, ba e bitsa Motse wa Davida.


Jwale bo-Davida, le baholo ba Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba dikete, ba ya tlung ya Obede-Edomo, ho ya lata areka ya selekane sa Morena, ba thabile.


Yare ha areka ya selekane sa Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, a bona Davida a tlala, a etsa menyakwe, mme a mo nyedisa.


Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.


Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.


Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.


Ka kgwedi ya bosupa, ha bana ba Iseraele ba se ba tsitsitse metseng ya bona, setjhaba sa kgobokanela Jerusalema, ka kgopolo e le nngwe.


hore a utlwe mefehelo, mefehelo ya batshwaruwa, a lokolle ba ahloletsweng lefu.


Ba tsebang lebitso la hao ba ke ba o tshepe, ba o tshepe hobane wena Morena, o ke ke wa furalla ba o batlang.


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”


Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile.


Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.


etswe Mangolo a re: “Sione ke bea lejwe la mantlha, le kgethehileng, la bohlokwa, mme ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ