Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:50 - BIBELE

50 le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:50
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.


O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng.


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.


A metha Sehalalelo se kahare: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse leshome, le bophara e le dimethara tse leshome. Jwale a re ho nna: “Sena ke Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.”


O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira.


Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.


Le mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi a tletseng mokubetso. Boima ba lefiswana le leng le le leng e ne e le dikeramo tse lekgolo le nang le leshome. Boima ba kgauta ya mafiswana kaofela e ne e le kilo e le nngwe le dikeramo tse mashome a mararo le metso e mmedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ