1 Marena 7:48 - BIBELE48 Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang, အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)48 Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho ne ho ena le ditafole tse nne tse hahilweng ka majwe a betlilweng, e le tseo ho lokisetswang nyehelo ya setjheso hodima tsona. Bolelele ba e nngwe le e nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophara le bona e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophahamo bona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. Hodima ditafole tsena ho ne ho beilwe tsohle tse sebediswang ha ho hlajwa diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a mang.