Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:36 - BIBELE

36 Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 A betla dikerubime le ditau le dipalema mamating a mahetla a sona le mahlakoreng a sona, kamoo sebaka se leng ka teng; ho ne ho le meqhaka e potang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:36
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta.


Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.


Mamatjana ana a fapilweng ka dikosene a ne a kgabisitswe ka ditshwantsho tsa ditau, le tsa dipholo, le tsa dikerubime; le dikosene di ne di kgabisitswe jwalo. Dikoseneng tse kahodimo le tse katlase ho ditshwantsho tsa ditau le tsa dipholo, ho ne ho ena le mekgabiso e folletsweng.


Kahodimo ho kariki ho ne ho ena le lebanta le letjhitja, bophahamo ba lona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi; ho bile ho ena le ditshehetso. Ditshehetso le mamatjana di ne di bopeletswe mmoho le kariki.


Hirame a etsa dikariki tseo tse leshome ka wona mokgwa ona, mme kaofela di ne di lekana ka boholo, di tshwana le ka sebopeho.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle; ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e ne e le robedi.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ