Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:29 - BIBELE

29 Mamatjana ana a fapilweng ka dikosene a ne a kgabisitswe ka ditshwantsho tsa ditau, le tsa dipholo, le tsa dikerubime; le dikosene di ne di kgabisitswe jwalo. Dikoseneng tse kahodimo le tse katlase ho ditshwantsho tsa ditau le tsa dipholo, ho ne ho ena le mekgabiso e folletsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mahlakoreng a fapilweng ka ditshenatshe ho ne ho na le ditau le dikgomo le dikerubime; hodima ditshenatshe ho ne ho le jwalo, katlasa ditau le dikgomo ho ne ho na le mekadi e lepeletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


Tanka e ne e eme hodima mekokotlo ya dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane.


Dikariki di ne di entswe ka mokgwa ona: Mahlakoreng di ne di ena le mamatjana a fapilweng ka dikosene.


Kariki e nngwe le e nngwe e ne e ena le mabidi a mane a lethose, le diase tsa lethose. Huku e nngwe le e nngwe ya dihuku tse nne, e ne e ena le setshehetso sa lethose, se tshehetsang sekotlolo. Ditshehetso di ne di kgabisitswe ka meqhaka e folletsweng.


O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


A etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; a di etsa ka kgauta e thutsweng, dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.


Ho ba ntlo ya Efraime ke tla tshwana le tau, ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana. Nna ka sebele ke tla harola, ke ikele, ke ba hlasinye, ba hloke monamoledi.


Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ