Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:27 - BIBELE

27 Hirame a etsa dikariki tse leshome tsa lethose; bolelele ba kariki ka nngwe e le dimethara tse ka bang pedi, bophara e le dimethara tse ka bang pedi, bophahamo e le methara le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 A ntoo etsa didulwana tse leshome tsa koporo; boholo ba sedulwana se seng e ne e le ditswe tse nne, bophara e le ditswe tse nne, bolelele e le ditswe tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morumo wa tanka e ne e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, molomo wa yona o ahlame jwaloka wa komiki, o ena le dithunthung tsa dikgahla. E ne e tshela dilethara tse ka bang mashome a mane a dikete.


Dikariki di ne di entswe ka mokgwa ona: Mahlakoreng di ne di ena le mamatjana a fapilweng ka dikosene.


Jwale Hirame a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose. Sekotlolo ka seng se ne se tshela dilethara tse ka bang makgolo a robedi; bolelele ba boahlamo ba sona e le dimethara tse ka bang pedi. E nngwe le e nngwe ya dikariki tse leshome e ne e ena le sekotlolo sa yona.


Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.


Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


A etsa didulwana le dikotlolo tse bewang hodima tsona,


“Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona,


Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ