Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:25 - BIBELE

25 Tanka e ne e eme hodima mekokotlo ya dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 La bewa hodima dikgomo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di lebile leboya, tse tharo di lebile bophirimatsatsi, tse tharo di lebile borwa, tse tharo di lebile botjhabatsatsi; letsha la bewa hodima tsona, di furallane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morumo wa tanka e ne e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, molomo wa yona o ahlame jwaloka wa komiki, o ena le dithunthung tsa dikgahla. E ne e tshela dilethara tse ka bang mashome a mane a dikete.


tanka e le nngwe le dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse neng di e jere,


Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.


Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Molaong wa Moshe ho ngotswe, ho thwe: “E polang ha e tlangwe molomo.” Na Modimo o tsotella dikgomo feela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ