Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 7:16 - BIBELE

16 Ka lethose le qhibidisitsweng a bopa dikotola tse pedi, tse tla bewa hodima ditshiya. Bolelele ba kotola e nngwe le e nngwe e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A etsa dihlooho tsa ditshiya tse pedi ka koporo e tsholotsweng, hore di bewe hodima ditshiya, bolelele ba hlooho e nngwe e le ditswe tse hlano, bolelele ba hlooho ya bobedi e le ditswe tse hlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 7:16
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame a bopa ditshiya tse pedi tsa lethose; bolelele ba e nngwe le e nngwe e le dimethara tse robedi, botenya e le dimethara tse ka bang hlano le halofo.


Dikotola tse kahodima ditshiya tsa etsetswa mekgabiso e mmedi e lohilweng jwaloka letlowa, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane. Kotola e nngwe le e nngwe ya etsetswa mekgabiso e supileng.


Ba etsa le ditshiya tsa lona tse hlano, le dihokelo tsa tsona. Ba maneha kgauta hodima dihlooho tsa tsona, le hodima dithupa tse di kopanyang. Ditshehetso tsa tsona tse hlano ya eba tsa lethose.


Ditshehetso tsa ditshiya di ne di entswe ka lethose, dihokelo tsa ditshiya, le dithupa tsa tsona, di ne di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, mme ditshiya tsohle tsa seotlwana di ne di hokahantswe ka dithupa tse entsweng ka silefera.


Ditshiya tsa lesira leo di ne di le nne, le ditshehetso tsa lona di le nne, di entswe ka lethose, dihokelo tsa tsona di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, le dithupa tse di kopanyang e ne e le tsa silefera.


Ka silefera e etsang dikilo tse mashome a mararo, ha etswa dihokelo tsa ditshiya, ditshiya tsa manehwa dihlooho, mme ha etswa dithupa.


Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ