Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:9 - BIBELE

9 Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A haha ntlo jwalo, a e phetha, a kwahela ntlo ka difate le ka dipolanka tsa kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:9
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a hlomathisa disolloro, tsa hahellwa lerakong la Tempele, ho e potapota; bophahamo ba e nngwe le e nngwe ya disolloro e le dimethara tse ka bang tharo, mme disolloro tsa kopanngwa le lerako ka difate tsa kedare.


Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Pudungwana, e leng kgwedi ya borobedi, Tempele ya phethwa kahohlehohle, ho ya ka moralo wa yona. Solomone o ne a qete dilemo tse supileng a ntse a haha Tempele.


Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro.


Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena.


Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.


A hloma seotlwana ho potapota Leaho le aletare, a lepeletsa lesira la seotlwana. Yaba Moshe o phetha mosebetsi.


Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ