Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:7 - BIBELE

7 Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ntlo ha e hahuwa, ya hahuwa ka majwe a lokisitsweng a eso ho tliswe teng, ho se ke ha utlwahala noto, leha e le selepe, leha e le mosebetsi o mong wa tshepe, ha ntlo e ntse e hahuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophara ba solloro e katlasetlase e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bophara ba e hare e le dimethara tse ka bang tharo, mme bophara ba e kahodimodimo e le dimethara tse ka bang nne. Bophara ba lerako la Tempele bo ne bo sesefala ha lerako le ntse le eya hodimo, kaha le ne le siile dikgetshe tse tla tshehetsa difate tsa solloro, hore di se ke tsa hahellwa lerakong la Tempele.


Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro.


Ha o nketsetsa aletare ka majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng, hobane ho a betla ke ho e silafatsa.


Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.


Ha a ka ke a howeletsa kapa a phahamisa lentswe, kapa a peroha hara diterata.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


Ya re bopetseng hona, ke Modimo ya re fileng Moya wa hae, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.


A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.


hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ