1 Marena 6:5 - BIBELE5 Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bophara ba solloro e katlasetlase e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bophara ba e hare e le dimethara tse ka bang tharo, mme bophara ba e kahodimodimo e le dimethara tse ka bang nne. Bophara ba lerako la Tempele bo ne bo sesefala ha lerako le ntse le eya hodimo, kaha le ne le siile dikgetshe tse tla tshehetsa difate tsa solloro, hore di se ke tsa hahellwa lerakong la Tempele.
“Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang.
Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.