Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:38 - BIBELE

38 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Pudungwana, e leng kgwedi ya borobedi, Tempele ya phethwa kahohlehohle, ho ya ka moralo wa yona. Solomone o ne a qete dilemo tse supileng a ntse a haha Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:38
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena.


Motheo wa Tempele o ne o ile wa ralwa ka selemo sa bone sa puso ya Solomone, ka kgwedi ya Motsheanong.


Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare.


Solomone a boela a nka dilemo tse leshome le metso e meraro a ntse a haha ntlo ya hae, ho fihlela a ba a e qeta kahohlehohle.


Ha ho se ho fetile dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a neng a ntse a haha matlo ana a mabedi, e leng ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi,


Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.”


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Qetellong ya dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a ileng a haha Tempele ya Morena le ntlo ya bokgosi,


Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa.


“Bona ba re araba tjena, ba re: ‘Rona re bahlanka ba Modimo wa lehodimo le wa lefatshe. Re tsosa Tempele e neng e hahwe mehleng ya kgale, ya hahwa ke kgosi e tumileng ya Iseraele, ya ba ya e phetha.


Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.


Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.


“Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ