Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:36 - BIBELE

36 Solomone a etsa seotlwana se kahare ke mela e meraro ya majwe a betlilweng, le ka mola o le mong wa ditshiya tsa kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 A thea lebala le kahare ka majwe a betlilweng a kolohantsweng ka boraro, le ka lethathamo la difate tsa kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:36
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.


Lebala le leholo la ntlo ya kgosi, le lebala le kahare la Tempele, le lebala la monyako wa Tempele, kaofela a ne a potapotilwe ke lerako la majwe, le nang le mela e meraro, mme hodima lona ho hlomilwe ditshiya tsa difate tsa kedare.


A etsa seotlwana sa baprista, le seotlwana se seng se seholo, le mamati a diotlwana, mme mamati ao a a maneha lethose.


Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura.


Mabota a be le mela e meraro ya majwe, le mola wa mapolanka a entsweng ka difate tse ntjha. Ditshenyehelo tsa teng di ntshwe letloleng la kgosi.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


Monna eo a nkisa lebaleng le kahare, a nkenya ka kgoro e ka borwa. A metha kgoro e ka borwa, mme ditekanyo tsa yona tsa lekana le tsa dikgoro tse ding.


Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ