Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:35 - BIBELE

35 Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:35
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.


Mamati ao a mabedi a ne a entswe ka sefate sa modutu; le leng le le leng le ena le dikarolo tse pedi, tse menahanang ha le bulwa.


Solomone a etsa seotlwana se kahare ke mela e meraro ya majwe a betlilweng, le ka mola o le mong wa ditshiya tsa kedare.


Morumo wa tanka e ne e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, molomo wa yona o ahlame jwaloka wa komiki, o ena le dithunthung tsa dikgahla. E ne e tshela dilethara tse ka bang mashome a mane a dikete.


Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng.


Ka kgauta e hlwekisitsweng a etsa dipalesa, le mabone, le matlao.


A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng.


mekgabiso yohle ya yona ya lehong, ba e pshatlile ka dikwakwa, ba e pshatla le ka dikoto.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona.


ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema. Setshwantsho ka seng sa sefate sa palema se ne se le pakeng tsa dikerubime, le kerubime ka nngwe e le pakeng tsa difate tsa dipalema. Kerubime e nngwe le e nngwe e ne e ena le difahleho tse pedi:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ