Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:32 - BIBELE

32 Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Mamati a mabedi a etswa ka mohlwaare; teng a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dipalesa tse thuntseng, a di maneha ka kgauta; a maneha le dikerubime le dipalema ka kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:32
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.


Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne.


Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Monyako wa Sehalalelo wa etsetswa mamati a mabedi ka sefate sa mohlwaare; dikosene di ne di entse dihuku tse hlano.


Lemati la monyako wa Tempele le lona a le etsetsa dikosene tsa sefate sa mohlwaare tse mahlakore a mane.


A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema. Setshwantsho ka seng sa sefate sa palema se ne se le pakeng tsa dikerubime, le kerubime ka nngwe e le pakeng tsa difate tsa dipalema. Kerubime e nngwe le e nngwe e ne e ena le difahleho tse pedi:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ