Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:27 - BIBELE

27 Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 A bea dikerubime hara ntlo, di otlolotse mapheo a tsona, lepheo la e nngwe le kgitla lebota, mme lepheo la kerubime e nngwe le kgitla lebota le leng; a mang mapheo a tsona a ne a amane mahareng a ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophahamo ba kerubime e nngwe le e nngwe bo ne bo fetafeta dimethara tse nne.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.


Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a mabedi hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona.


Bolelele ba mapheo a dikerubime ha a thathaletse e ne e ka ba dimethara tse robong. Bolelele ba lepheo le le leng la kerubime ya pele e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo. Le ne le thetsitse lebota la Tempele, ha lepheo le leng, le ntseng le lekana le lona, lona le ne le thetsana le lepheo la kerubime e nngwe.


Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a tsona hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona.


Mapheo a dikerubime a otlolohele hodimo, a kgurumetse sekwahelo sa tefelo ya sebe, mme difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadime malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Dikerubime di ne di otlolletse mapheo e tsona hodimo, di kgurumeditse sekwahelo sa tefelo ya sebe ka mapheo a tsona, difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadimile malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ