Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:23 - BIBELE

23 Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Kahara sehalaledisiso, a etsa dikerubime tse pedi tsa mohlwaare; bolelele ba e nngwe le e nngwe e le ditswe tse leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Bolelele ba lepheo ka leng la kerubime ya pele bo ne bo fetafeta dimethara tse pedi, mme bolelele ba ho tloha ntlheng ya lepheo le leng ho isa ntlheng ya lepheo le leng bo fetafeta dimethara tse nne.


Monyako wa Sehalalelo wa etsetswa mamati a mabedi ka sefate sa mohlwaare; dikosene di ne di entse dihuku tse hlano.


Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta.


A phetla mahodimo, a theohela fatshe, leru le letsho le le maotong a hae;


Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.


“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.


Lemati le leng le le leng le ne le bulehela ka nqena le ka nqane.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ