Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:16 - BIBELE

16 Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolelele ba Tempele, bo ka kwano ho motero, e ne e le dimethara tse leshome le metso e robedi.


Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota.


A etsetsa terone ya hae lethule, e leng lethule la dinyewe, moo a tla ahlolela teng. Fatshe ho ne ho kokoteletswe mapolanka a kedare.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.


A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong.


O tla etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore leo le kamorao la leaho.


A metha Sehalalelo se kahare: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse leshome, le bophara e le dimethara tse leshome. Jwale a re ho nna: “Sena ke Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.”


Kahare ho sebaka se halalelang o tla siya karolo e bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, e bophara ba dimethara tse hlano. Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa se be karolong ena.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ