Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Pudungwana, e leng kgwedi ya borobedi, Tempele ya phethwa kahohlehohle, ho ya ka moralo wa yona. Solomone o ne a qete dilemo tse supileng a ntse a haha Tempele.
Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena.
Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.