1 Marena 6:12 - BIBELE12 “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 Haele bakeng sa ntlo eo o e hahang, ekare ha o tsamaya ka melao ya ka, o tiisa dikahlolo tsa ka, o boloka ditaelo tsa ka tsohle, o tsamaya ka tsona, ke tla o etsetsa ka pallo eo ke e boleletseng ntatao Davida. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’