Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 6:10 - BIBELE

10 Jwale a hlomathisa disolloro, tsa hahellwa lerakong la Tempele, ho e potapota; bophahamo ba e nngwe le e nngwe ya disolloro e le dimethara tse ka bang tharo, mme disolloro tsa kopanngwa le lerako ka difate tsa kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele dikamore tse kallaneng, tse potang ntlo yohle, a di etsa di ena le bolelele ba ditswe tse hlano; di ne di kopane le ntlo ka difate tsa kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 6:10
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba lentswe la Morena le fihla ho Solomone, le re:


Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare.


Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.


Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu.


“Tsamaya o yo bua le morabe wa Barekabe, ebe o ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, o ba kenya ka ho e nngwe ya dikamore, o ba fa veine hore ba e nwe.”


Dikamore tsona di ne di hahilwe ka disolloro, mme sollorong e nngwe le e nngwe ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo. Ho ne ho ena le ditshehetso lerakong la Tempele, ho tshehetsa dikamore tse kathoko; feela ditshehetso di ne di sa hahellwa lerakong la Tempele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ