Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 5:7 - BIBELE

7 Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 5:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”


yaba e re: ‘Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, eo ka letsatsi lena a beileng e mong wa bara ba ka teroneng, ke sa ntse ke phela.’ ”


Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


Yaba Hirame o romela molaetsa ho Solomone, o re: “Ke utlwile molaetsa wa hao; ke tla etsa kamoo o lakatsang kateng, ke o romele difate tsa dikedare le tsa modutu.


Leleme la ka le kgomarele mahalapeng a ka, haeba ke sa o hopole, ke sa thabele Jerusalema, ke sa e thabele ho feta tsohle.


Ana ke maele a Solomone: Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, ngwana ya sethoto ke masisapelo ho mmae.


Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.


Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona.


Ntata ya lokileng o nyakalla haholo; ya nang le mora ya bohlale o itumela ka yena.


Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ