Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 5:5 - BIBELE

5 Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 5:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.’


“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,


Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.


Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.’


Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”


“Morena o ile a re ho nna: ‘Solomone, mora wa hao, ke yena ya tla nkgahela Tempele, le mabala a yona, hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.


“ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


“ ‘Mohla tsatsi leo,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye.’ ”


Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ