Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:31 - BIBELE

31 O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:31
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata.


Yaba mofumahadi o re ho kgosi: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete!


ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.


Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”


Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.


Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.


Bara ba Sera ke Simeri, le Etane, le Hemane, le Kalekole, le Dara. Kaofela ba ne ba le bahlano.


Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,


Dikgosi tsohle tsa lefatshe tsa tla ho Solomone, ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo a mo fileng bona.


Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.


Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone.


Ke ho yena Kreste moo matlotlo wohle a bohlale le a tsebo a patilweng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ