Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 4:30 - BIBELE

30 Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 4:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela.


Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale,


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.”


ka baka lena, ke tla neelana ka lona ho banna ba tswang Botjhabela, le be bahlanka ba bona. Ba tla hloma ditente tsa bona hara lona, ba hahe teng. Ba tla ja ditholwana tsa lona, ba nwe lebese la lona.


Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.


Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.


Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.


Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ