Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:6 - BIBELE

6 Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Empa yena a re ho nna: ‘Morena eo ke mo kgahlisang ka metsamao ya ka, o tla roma lengeloi la hae le tsamaye le wena, mme a atlehise leeto la hao. O tla nkela mora wa ka mosadi ho bang ka nna, tlung ya ntate.


“Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka.


Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, hobane o a bona hore ke hlwekile.


“Tsamaya o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena o bua tjena: Na ke wena ya tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona?


yaba e re: ‘Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, eo ka letsatsi lena a beileng e mong wa bara ba ka teroneng, ke sa ntse ke phela.’ ”


kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’


Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”


“Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka,


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko.


Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse.


Ke ya metsamao e se nang kodi, ya etsang tse lokileng; ya buang nnete e tswang pelong ya hae,


Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.


O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.


Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ