1 Marena 3:26 - BIBELE26 Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 Empa mosadi eo ngwana ya phelang e leng wa hae, a sehwa ke mala ka baka la ngwana hae, mme a bolella morena, a re: Oho, monga ka, ha ho mpe ho newe enwa ngwana ya phelang, a se ke a bolawa. Empa e mong a re: E ke ke ya eba wa ka, leha e le wa hao; a petsolwe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |