Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela.
Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka.