Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.
Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.