Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:15 - BIBELE

15 Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o phaphama borokong, o re: “Ruri Modimo o teng sebakeng sena; feela ke ne ke sa tsebe.”


Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.


Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.


Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora.


Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona.


Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.


Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara.


Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate.


Kgosi Beleshasare a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete wa dijo, a nwa veine moo batho bao ba sekete ba leng teng.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ