Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:14 - BIBELE

14 Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hape, ha o tsamaya tseleng tsa ka, o boloka taelo tsa ka le melao ya ka, kamoo ntatao Davida a tsamaileng kateng, ke tla atisa matsatsi a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:14
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka.


kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng.


Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.


Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa.’


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Hesekiya a kgahlisa Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


A kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a kgeloha.


Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.”


O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.


E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.


Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.”


ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla.


o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.


Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: ‘Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.’


O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


“ ‘Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ