Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 3:13 - BIBELE

13 Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke o nea le seo o sa kang wa se kopa, lefumo le kganya, mme ho ke ke ha eba morena le ya mong ya tla ba ka ka wena ka matsatsi wohle a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 3:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,


Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla.


Bo tla kgabisa hlooho ya hao, bo e kgabise ka moqhaka o bohehang, bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.”


Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo.


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ