Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:8 - BIBELE

8 Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:8
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.


Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi.


Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.


Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”


Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?”


le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”


Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”


Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa e mong wa matona, ya re ho yena: “Potlaka o mpitsetse Mmikiya mora wa Jimela!”


Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”


Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.


O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.


Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso.


Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae.


Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata.


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”


Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”


E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo.


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete.


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo ha thwe: “Ebe Morena o feletswe ke mamello? Na tse tjee di etswa ke yena?” “Na polelo tsa ka ha di tlise molemo, di o tlisetsa ba etsang ho loka?


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.


Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ