Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:44 - BIBELE

44 Jehoshafate a phedisana ka kgotso le kgosi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Leha ho le jwalo, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlahisa mahlabelo, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:44
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa boraro Jehoshafate, kgosi ya Juda, a theohela ho kgosi ya Iseraele.


Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele.


Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng.


Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe. A etsa bobe mahlong a Morena.


ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.”


Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ