Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:42 - BIBELE

42 Jehoshafate o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Josafate o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, ha a qala ho busa: A busa Jerusalema ka lemo tsa mashome a mabedi a metso e mehlano. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilki.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:42
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rehoboame, mora wa Solomone, a busa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. O ile a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ikgethele wona hara merabe yohle ya Iseraele, hore o tla ba teng ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.


A busa a le Jerusalema ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Lebitso la nkgonwae e ne e le Maaka, setloholo sa Abishalome.


O ile a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Abishalome.


Ka selemo sa bone sa puso ya Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehoshafate, mora wa Asa, a qala ho busa naha ya Juda.


A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona.


Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.


Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Jehoshafate a busa ba naha ya Juda. Ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ