Yare ha Hadade a tsebiswa hore Davida o orohetse ho bo-ntatae, le hore Joabe, molaodi wa mabotho, o shwele, a re ho Faro: “Ntumelle ke tsamaye, ke kgutlele naheng ya heso.”
Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi.
A etsa bobe mahlong a Morena. A tsamaya mehlaleng ya ntatae le ya mmae, le ya Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.
Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”
Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.