Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:4 - BIBELE

4 Yaba o re ho Jehoshafate: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a re ho kgosi ya Iseraele: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao; dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ba a re ho Josafate: Na o tla ya le nna ho lwantsha Ramothe-Gileade na? Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka dipere tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate kgosi ya Juda ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade.


Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”


Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.


A romela molaetsa ho Jehoshafate, kgosi ya Juda, a re: “Kgosi ya Moabe e mphetohetse; na re tla ya le wena ho ya futuhela Bamoabe?” Kgosi ya Juda ya re: “Ke tla ya. Rona le wena re ntho e le nngwe; setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao, le dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”


Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.


Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”


Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.


Ya mo dumedisang o iketsa molekane wa hae mesebetsing ya hae e kgopo.


“Ya hlolang, ya phethang mesebetsi ya ka ho isa qetellong, “ke tla mo nea matla hodima ditjhaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ