Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:37 - BIBELE

37 Kgosi ya eshwa jwalo. Setopo sa yona sa iswa Samaria, mme sa epelwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:37
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.


Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Ha letsatsi le dikela, ha phatlalatswa hara mabotho, ha thwe: “Monna ka mong a kgutlele motseng wa habo, monna ka mong a kgutlele naheng ya habo.”


Ba ya hlatswa kariki ya kgosi letshaneng la Samaria, dintja tsa qapha madi a yona, le diotswa tsa tolla letshaneng leo, ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bolele.


O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ