Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:36 - BIBELE

36 Ha letsatsi le dikela, ha phatlalatswa hara mabotho, ha thwe: “Monna ka mong a kgutlele motseng wa habo, monna ka mong a kgutlele naheng ya habo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:36
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.


Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


‘Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna.’ ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena.


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”


Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa.


Kgosi ya eshwa jwalo. Setopo sa yona sa iswa Samaria, mme sa epelwa teng.


Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae.


Ka yona nako eo bana ba Iseraele ba tloha moo, e mong le e mong a ya morabeng wa habo, le lelapeng la hae. Ba tloha, monna e mong le e mong a ya naheng ya habo eo a e jeleng lefa.


Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ