Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:34 - BIBELE

34 Mohlabani e mong a betsa motsu wa hae feela, a sa o lebisa ho motho, mme ka lehlohonolo a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:34
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


mme yare ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa.


Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa.


Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.


Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”


Ba diqha ba fula kgosi Josiya, mme kgosi ya re ho bahlanka ba yona: “Ntloseng, hobane ke tswile kotsi e mpe!”


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Kahoo ke se ke qadile ho le otla, ke le timetsa ka baka la dibe tsa lona.


Di ne di ena le ho kang tshepe e di sireletsang difuba, mme lerata la mapheo a tsona le ne le ka lerata la dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata, tse mathelang ntweng.


Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ