Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:31 - BIBELE

31 Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae.


Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.


Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.


Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho.


Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate ba re: “Ruri enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo seohela. Jehoshafate a hlaba mokgosi,


Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”


“Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.


ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ