Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:20 - BIBELE

20 Morena a botsa, a re: ‘Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?’ E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.


“Jwale moya o mong o thetsang wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: ‘Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!’


Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.


Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae.


Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ